Dipotso tse sa thuseng letho.

Na o kile wa botswa potso e senang molemo?  Ha ke bue hore potso eo e ka se etse hore o nahane ka yona, empa le ha o ka e fetola e ke eke ya bontsha phapang.  Ke tseo ke di bitsang dipotso tse se nang molemo.

Hona le batho ba tsamayang ba botsa dipotso tsona tse se nang molemo.  Tse tshwanang le tsona ke tse:
1) Na ke nnete Jesu o ne a tswalwa ka letsatsi la Keresemese�25 December?  Efela potso ena e ya kgahlisa ebile le bona batho ba botsang potso e, ba bonahala o kare ba bolela nnete ha ba re Jesu ha a tswalwa ka di 25 December.  Jwalo seo se thusang?  Ho tla ba le phapano efe ho tseba hore O tswetswe neng?  Se hlokahalang ke fela hore o ne a tswalwa.  Se bohlokwa ke hore tswalo ya hae ha ya ka ya tshwana le tswalo e tlwaelehileng hobane ha Jesu a tswalwa Modimo o ne a ba motho.  Ho 1 Timotheo 3:16 Baebele e re, �Modimo o bonaditswe mo nameng�.�
2) Potso enngwe e senang thuso e botswang ke batho hangata e re, �Na Jesu o swetse sefapanong kapa patsing?�  Hape re fetola ka hore,  seo se re thusa ka eng?  Ho tla ba le phapano efe?  Se bohlokwa ke hore O ne a shwa�hore o ne a bapolwa kapa a bolawa patsing ha ho tlise phapano.  O ne a shwa.  Empa re tlameha ho shebisisa lefu lena la hae hobane ha le a ka la tshwana le mafu a tlwaelehileng, hobane Ha a itshwela, O shwetse dibe tsa rona.  Johanne 1:29 e re, �Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.�  1 Bakorinthe 15:3 e re, ��Kreste o shwele ka baka la dibe tsa rona�.�
3) Potso enngwe e sa thuseng letho e botswang hangata e re, �Na ke nnete hore Jesu o tsohile bafung ka Easter Sunday?�  Ke phapano efe e tla bang teng ho tseba nako e nepahetseng ya ho tsoha bafung Ha Jesu?  Baebele e re bolella hantle hore O ne a tsoha bafung�ke se hlokahalang.  Ho tshoha ha Jesu bafung ho bohlokwa.  Ha a ne a sa tsoha bafung re ne re ke ke ra pholoswa dibeng tsa rona.  Baroma 4:25 e re, �O ile a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.� Modimo O amohetse tefo ya dibe tsa rona sefapanong a ke ke a amohela tefo enngwe.

Jwale he e re ke ho botse dipotso tse molemo ho tswa Baebeleng:
1) Jesu a re ho Petrose, �Empa wena o re ke mang (Matheu 16:15)?�  Petrose a araba hantle a re, �O Kreste, Mora Modimo ya phelang.�  Petrose o dumela ho re Jesu ke Mopholosi le Modimo.
2) Testamenteng ya kgale, Modimo O ne a botse Iseraele potso nngwe e molemo, �Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?�  O buile sena ho Esekiele 33:11.  Pele ho potso ena Modimo o ne a re ho Iseraele, �Ha ke thabele lefu la ya kgopo?�  Modimo o bua  seo hape ho wena tsatsing lena.  �Ha ke thabele ho o romela diheleng.  Ke ho etseditse tsela ya ho ya lehodimong.  Ke rometse Mora�ka ho ho shwela.  Hobaneng o batla ho shwa?�
3) Potso nngwe e molemo e tholahala ho Diketso 16:30.  Ha re bala e re, �E ka kgona ke etse eng hore ke tle ke pholoswe?�  Phetolo e ho temana ya 31, �Dumela ho Morena Jesu, o tla pholoswa.�

Ke kopa hore o nahane ka dipotso tsena tse tharo tse molemo.  Di potso tse di molemo hobane diphetolo tsa hao ho tsona di tla ama hore o ya kae ha o shwa.  Ha o sa kgone ho araba dipotso tse kapa o sa tsebe hore o beile tshepo ya hao ho Jesu Kreste fela. Ya shweleng sefapanong a patwa a ba tshoha bafung hape letsatsing la boraro, ke re ho wena bala ditemana tsena hape.

Ha o na le dipotso ka ha dipotso tsena tse molemo le ha e ka ba ka diptso tse ding Baebeleng ke kopa o re founele ho:

If you have questions or need spiritual counsel please contact us
HomeAdultsAfricaBible StudyChildrenContact usFamilyMapsMeet the PeoplePrayer PalsPrayer RequestsTracts
Hosted by www.Geocities.ws

1